MATSHWAO: 80
NAKO: DIHORA TSE 2
PAMPIRI ENA E NA LE MAQEPHE A 6.
PAMPIRI YA 2 (P2)
DITAELO HO MOHLAHLOBUWA
Pampiri ena e arotswe dikarolo tse tharo:
KAROLO YA A: Moqoqo - mantswe a 200 - 250.
KAROLO YA B: Ditema tsa kgokahano tse telele - mantswe a 80 - 100.
KAROLO YA C: Ditema tsa kgokahano tse kgutshwane ya ka mehla - mantswe a 60 - 80.
Bahlahlobuwa ba lokela ho araba potso e le nngwe karolong e nngwe le e nngwe.
Tsepamisa maikutlo haholo mopeletong le popong ya dipolelo tse nepahetseng.
KAROLO YA A: MOQOQO
POTSO YA 1
Kgetha sehlooho se le SENG mme o ngole moqoqo wa mantswe a 200 - 250. Ela tsena hloko:
Mohatong wa boitokisetso etsa moralo kapa mmapa wa monahano moo o bontshang mehopolo ya sehlooho le dintlha tse e tshehetsang tseo o tla ngola ka tsona.
Ha o qeta ho ngola moqoqo boela o o bale hape ho lokisa diphoso. Ha o lokisa diphoso sebedisa pensele (potloloto) ho bontsha hore efela o boeleditse mosebetsi wa hao le ho hlaola diphoso.
Hlokomela hore dintlha tse pedi tsena di abetswe matswao. O tla ikekeletsa matshwao ha o ka latela ditaelo tsena.
Wena le metswalle ya hao le kile la kena tsietsing e kgolo mona sekolong. Le ile la ba la bitsetswa ofising ya mosuwehlooho mme ya hla ya e ba taba e kgolo haholo. Le phonyohile ka soba la nale. A ke o ngole moqoqo mme o re phethele ka se neng se ile sa etsahala le hore le ile la pholoha jwang. Sehlooho sa moqoqo wa hao e be, Ha ke a phela ke pshemotse ...
KAPA
Afrika Borwa ke naha e ntle haholo eo baahi ba yona ba ikgantshang ka yona. Baahi ba yona ke ba merabe e fapafapaneng empa e phelang ka kgotso. Ditjhaba tsa mafatshe a mang a hole le haufi di dula di e rorisa. A ke o ngole moqoqo oo ka wona o hlalosang naha ena ya heno. Sehlooho sa moqoqo wa hao e be: Afrika Borwa naha ya kgotso.
KAPA
Matsatsi a phomolo ya dikolo a ratwa haholo ke bana ba dikolo. Phomolo e ratwang haholo ke ya mariha le ya ha selemo se fela ka Tshitwe. Ha dikolo di kwala nakong tsena o tla bona difahleho tsa bona di kganya kgotso. Letsatsing leo, bohle ba tlala morolo mme ba lebeletse matsatsi a tlang a phomolo ka tjheseho e kgolo. Ngola moqoqo o hlalose tse etsahalang ka mehla ka nako ena. Sehlooho sa moqoqo wa hao e be: Matsatsi a phomolo ya dikolo ...
KAPA
Dintho di ngata tse hlahelang batho bophelong. Tse ding ke tse thabisang ha tse ding e le tse swabisang. Kajeno o thabile empa hosasa o swabile. Bophelo bo jwalo. Ngola moqoqo o qetellang ka mantswe a reng: Tjhe, ka tla ka swaba he mohlang oo ...
Eka batho re ferekane kajeno, ha re sa tseba ho kgetholla dipakeng tsa se nepahetseng le se fosahetseng. Re bona matsatsing a kajeno bannabaholo ba ratana le bananyana ba banyenyane. Na ke ntho e lokileng hore batho ba baholo ba ratane le bana? E be nnete ke efe tabeng ee? A ke o re phetele pale e pakang hore sena se lokile kapa ha se a loka. Sehlooho sa moqoqo wa hao e be, Ena pale e paka hore ...
MATSHWAO OHLE A KAROLO YA A:
KAROLO YA B: DITEMA TSA KGOKAHANO TSE TELELE
POTSO YA 2
Ngola tema e le nngwe ya bolelele ba mantswe a 80 - 100.
O mongodi komiting ya tsa dipapadi sekolong sa lona. Sekolo sa lona se ne se etile se ile ho bapala toropone e nngwe e hole. Ngolla mosuwehlooho tlaleho e kgutshwanyane/raporoto ka tsohle mme o hlalose ka botlalo tse ileng tse etsahala mohla letsatsi leo.
KAPA
O mongodi wa Lekgotla la Kemedi ya Baithuti (RCL) la sekolo sa heno. Lekgotla lena le nkile qeto ya ho mema mosebeletsi wa setjhaba ho tla buisana le buithuti ka tshebediso e mpe ya dithethefatsi baithuting. Ngolla mosebeletsi eo wa setjhaba lengolo lengolo leo ka lona o mo memang ho tla buisana le lona.
KAPA
Bala puisano e hlahellang setshwantshong sena se latelang. Ha o se o qetile ho etsa jwalo, ngola puisano ya hao moo o ntshetsang taba eo ho buuwang ka yona pele. Qala feela ka ho ngola puisano ya hao, se phete mantswe ao o a nehilweng.
Lenaneo ke la dipapadi, 'A re bapaleng'. Le tsamaiswa ke nna Mojalefa Saohatsi. Letsatsi ke la Mantaha, nako yona ke hora ya boraro thapama. Kajeno ke memme batjha ba sekolo sa Thapelong ba tla ba le rona kwano mme re tlo buisana ka tsa dipapadi. Mona ke na le Motlalepule, Teboho le Lerato. Dumedisang bamamedi he metswalle.
Bohle: Dumelang bamamedi.
Sebohodi: Ha se moo he batjha ba ka. Kajeno ke batla re tadimisaneng taba ke ena, 'Dipapadi tsa bolo ya maoto tsa Mohope wa
Lefatshe tsa 2010'. Na le bona dipapadi tsee tsa 2010 eka di tla re tlisetsa ho hong moruong? Lerato o reng?
Lerato: Ntate, pele dipapadi tsena di ka tliswa kwano, ho lokela ho etswa ditokisetso. Hona ho bolela hore ho tla ba le mesebetsi e mengata bakeng sa Maafrikaborwa. Afrika Borwa e lokela ho haha ditediamo, ditsela, matlo esita le dihotele moo baeti ba rona ba tla dula teng. Mosebetsi o sa le mongata.
Sebohodi: A re keng re bue ka ditediamo tsa rona. Na re se re entse tema e bonahalang mabapi le kaho ya tsona? Teboho wena o reng?
Teboho: ...
Ntshetsa puisano ena pele.
KAPA
O ne o sa tswa keteka moketjana wa letsatsi la tswalo ya hao haufinyane tjena. E mong wa metswalle ya hao ya dulang hole le wena o ne a le teng moketjaneng wa hao. Ngolla motswalle enwa wa hao lengolo ho mo leboha.
MATSHWAO OHLE A KAROLO YA B:
KAROLO YA C: DITEMA TSE KGUTSHWANE TSA KGOKAHANO
POTSO YA 3
Ngola tema e le nngwe ya bolelele ba mantswe a 60 - 80.
Kgaitsedi ya hao e ikgapetse kgau ditlhodisanong tsa mabelo boemong ba sedika. O lokela ho tswela pele ho ya mohatong wa bobedi wa ditlhodisano tsa diprovinse tse tla tshwarelwa Pretoria. Mo ngolle karate eo o mo lebohisang ebile o mo lakaletsa mahlohonolo a tlhodisano eo a tobaneng le yona.
KAPA
Baahi ba tletlebile ka motlakase o dulang o kgaohile ka mehla, haholo nakong tsa mantsiboya. O mongodi khampaneng ya Eskom. Le ikemiseditse ho ya lokisa dithapo tsa motlakase tseo tse bakang bothata bona. Etsa pampitshana ya tlhahisoleseding (flyer) eo o elelliswang baahi ka tsa letsatsi leo le tlo lokisa dithapo tsa motlakase ka lona.
KAPA
Umsobovu e o file tjhelete e o tshehetsang hore o iqalle kgwebo. O se o qadile kgwebo ya hao. Bothata boo jwale o tadimaneng le bona ke ho phatlalatsa hore e tsebahale setjhabeng. Etsa papatso eo o tsebisang setjhaba ka ditshebeletso tsa kgwebo ena ya hao. O rerile ho hlahisa papatso ena masedinyaneng.
MATSHWAO OHLE A KAROLO YA C:
MATSHWAO YOHLE A PAMPIRI ENA:
